Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 4:4 - BIBELE

4 Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 4:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka, empa pelo ya ka e tshoswa ke lentswe la hao feela.


Nna ke ipiletsa ho wena Modimo, hobane o tla nkaraba; ntshekehele tsebe, o mamele lentswe la ka.


Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo.


Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Lefatshe lohle le ke le tshabe Morena, baahi bohle ba lona ba mo hlomphe.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


Moya wa ka o tla kgora jwaloka ya jang moko le mafura, molomo wa ka o o rorise o o rorise ka dithoko tsa thabo.


Ke hopola ditshiu tsa kgale, le dilemo tse ileng ke a di hopola.


Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.


Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.


O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”


Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ