Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 39:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 39:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’


Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.


Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.


Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang,


Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka;


Ke mang wa lona ya lakatsang ho phela, ya ratang ho bona matsatsi a thabo?


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Pesalema ya Asafo, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.


Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing.


Mohlang oo ya bohlale o tla ikgutsetsa, hobane mehla e tla ba e le e mahlonoko.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.


Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ