Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 38:2 - BIBELE

2 Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane metsu ya hao e kene ho nna, letsoho la hao le hlile le nkimetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 38:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha;


Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula.


Oho, Morena, o se ke wa nkotla o nkgalefetse, o se ke wa nkgalemela o le bohale.


Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa.


A hula seqha sa hae, a fula, a nketsa sekgopi sa metsu ya hae.


Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.


na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hola? Na le ne le tla hloboha lenyalo ka baka la bona? Tjhe, bana ba ka, pelo ya ka e bohloko haholo ka baka la lona, hobane Morena o mphuraletse.”


Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.


Morena a otla baahi ba Ashedode habohloko; a ba timetsa, a ba bolaya ka mathopa a mokoteng, a bolaya baahi ba Ashedode le ba metsana e mathokong a yona.


Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ