19 Ke bolela molato wa ka, ke swabela sebe sa ka.
19 Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.
Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle;
Bona kamoo dira tsa ka di leng ngata kateng, le kamoo di ntlhoileng hampe kateng.
Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.
Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.
Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse;
Ke kgathetse ke ho meketsa, ke se ke tjhele lentswe; mahlo a ka a se a fifetse ke ho nna ke lebella Modimo.
Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.