Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.
Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang.
“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,