Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:30 - BIBELE

30 Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:30
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molomo wa ka o tla bolela tsa ho loka, o bolele tsa ho loka ha hao, le tsa ho pholosa ha hao kamehla, le hoja nke ke ka tseba ho di bala.


Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.


Polelo tsa ya lokileng ke silefera e hlwekisitsweng, pelo ya ya kgopo ha e na thuso.


Polelo tsa ba lokileng di ruta ba bangata, thoto tsona di shwa ke ho hloka kutlwisiso.


Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa.


Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.


Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ