Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:29 - BIBELE

29 Ba lokileng lefatshe e tla ba lefa la bona, ba phele ho lona kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatshe, mme ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:29
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae.


Ba ikokobetsang, lefatshe e tla ba lefa la bona, ba thabele kgotso e phethehileng.


Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng.


Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla.


Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona.


Ba lokileng ba tla phela lefatsheng, ba hlokang kodi ba ahe ho lona.


Ha le ipiletsa, le batla thuso, ereng medingwana ya lona e mengata e le thuse! Kaofela ha yona moya o tla e fefola, moyana o fokolang o e pheule. Empa ya nketsang setshabelo sa hae, fatshe la pallo e tla ba lefa la hae, a rue thaba ya ka e halalelang.”


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


Le rate Morena Modimo wa lona, le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele, hobane ke yena ya le phedisang, ya lelefatsang matsatsi a ho phela ha lona, e le hore le tle le ahe naheng eo Morena a hlapanyeditseng bo-ntata lona Aborahama, Isaka, le Jakobo, hore o tla le nea yona.”


Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”


Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.


Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ