Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:25 - BIBELE

25 Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:25
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.


O lelera le naha, a batla dijo, a ntse a botsa hore na di kae; o a tseba, tsatsi la timelo ya hae le atametse;


“Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe ya kila lahleha? Ba lokileng bona ba kile ba timetswa hokae?


Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.


Ditloholo tsa hae di tla ba matla lefatsheng, moloko wa ba pelo di ntle o tla hlohonolofala.


Eo o tla phela ka boiketlo, lefatshe e tla ba lefa la ditloholo tsa hae.


Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.


Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse,


Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,


Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;


Morena a ke ke a furalla tjhaba sa hae, a ke ke a lahla bao e leng lefa la hae.


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Ba bang ba barutuwa ba Sesaria ba ya le rona; ba re isa ha e mong ya bitswang Menasone wa Sipera, morutuwa wa kgale, eo re neng re ilo hlola le yena.


re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ