24 Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.
24 leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.
Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.
Morena o phahamisa ba eisehang, ba kgopo o ba dihela fatshe.
hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng.
Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.
A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.
Moo ke reng: “Leoto la ka le a thella,” mohau wa hao o a ntshehetsa, Morena.
hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.
Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,