23 Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
23 Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;
Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe.
Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao.
A ke ke a tlohela leoto la hao, a le tlohella ho thella, molebedi wa hao a ke ke a otsela.
Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.
Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.
Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.
A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.
Morena o tla fana ka tse molemo, fatshe la rona le be le tjhai e kgolo.
Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.
Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.
Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.
Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
Morena, sena ke a se tseba, motho ha a ikgethele tsela ya hae, hase yena ya laolang mehato ya hae.
empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.
Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.
O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.
Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”