Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:20 - BIBELE

20 Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.


Ha ke le matshwenyehong o se ke wa mpatela fahleho sa hao; ako ntshekehele tsebe, ha ke ipiletsa ho wena, o ke o nkarabe kapele.


Modimo a ke a tsohe, dira tsa hae di qhalane, ba mo hloileng ba mmalehe.


Ba nyamele jwalokaha mosi o nyamela, jwalokaha tshotso e qhibidihiswa ke mollo, ba kgopo ba timela jwalo, ba timela jwalo mahlong a Modimo.


Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle.


Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng, mahlabaphiyo a timetswe ho lona.


Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso sa dijo, se monko o monate. Mafura wohle ke a Morena.


Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.


Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.”


Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo,


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ