Hoba Hamane a utlwe hore Moredekai ke wa setjhaba sefe, a bona ho sa tshwanele hore a bolaye yena feela. Yaba o rera hore a bolaye setjhaba sohle sa habo Moredekai, e leng Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse buswang ke Ahashuerushe.
Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.
Bonatla ba yona bo tla ba boholo, feela ha e tlo ba ba yona, ba yona ka seqo; ho timetsa ha yona e tla ba dimakatso, e atlehe ho tsohle tseo e di etsang, e timetse dinatla le bahalaledi.
Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.
Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”