Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle.
Morena a na iponahatsa ho nna, a iponahatsa ho nna mehleng ya kgale, a re: “Ke o ratile ka lerato la mehla yohle, ka o atametsa ho nna ka kutlwelobohloko.
Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena!’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang.