Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 35:4 - BIBELE

4 Bao ba batlang bophelo ba ka, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tlontlolohe; bao ba ntherelang bobe, ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 35:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao.


Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe.


Metswalle le balekane ba ka ba emeletse thoko le bohloko ba ka, baheso ba emeletse hole le nna.


Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.


Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe.


Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ