Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 35:25 - BIBELE

25 Ka dipelong tsa bona ba se re: “Aha! Re mo fumane!” Hape ba se re: “Re mo metsitse!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 35:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dira tsa hao di o bebenyetsa melomo, di a o soma, di o tsikitlanyetsa meno, di re: “Re timeditse Jerusalema! Lena ke lona tsatsi leo esale re le emela, le fihlile, re bile re le bone!”


ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;


Ha se bolang sena se se se apare ho se bole, mme se shwang sena se se se apere ho se shwe, ke moo ho tla phethahala polelo ya Mangolo, e reng: “Lefu le fedisitswe, la hlolelwa ruri.


Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?


Ho ne ho ena le Ditsebi tsa Molao tse neng di dutse moo, mme tsa ipotsa, tsa re:


O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”


Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa.


Ka dipelong tsa bona ba itse: “A re ba hatakeleng kaofela ha bona, re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho, tsa phutheho ya Modimo naheng ena.”


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


Se nkahlole le ba kgopo, ba etsang tse sa lokang, ba buisanang le batho ka kgotso, empa pelo tsa bona di tletse bobe.


Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”


“Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’


Ba tsomileng bophelo ba ka ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane; ba ntakaletsang bobe ba ke ba tjhetjhe, ba tlontlolohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ