Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 35:10 - BIBELE

10 Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 35:10
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nnamolela sereng sa ka se matla, ho ba ntlhoileng, ba neng ba mphekisa.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Ha ke le matshwenyehong o se ke wa mpatela fahleho sa hao; ako ntshekehele tsebe, ha ke ipiletsa ho wena, o ke o nkarabe kapele.


Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng.


hobane o eme ka hlakoreng le letona hlakoreng le letona la mofutsana, hore a tle a mo pholose ho ba mo ahlolang.


Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang.


Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana.


o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa,


Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle;


dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.


Ha ke ne ke sa kgutsitse, ke ne ke opelwa ke masapo ke ho dumaela letsatsi lohle.


Mahlomola a ya lokileng a mangata, empa Morena o mo lopolla ho wona wohle.


Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.


Ba kgopo ba tsomula sabole tsa bona, ba hula diqha tsa bona, ho fula bahlophehi le mafutsana, ho bolaya ba metsamao e metle.


Metsu ya hao e ntlhabile, letsoho la hao le nkotlile habohloko.


Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng.


Athe wena o thabela botshepehi, botshepehi moyeng wa motho, o nthuta bohlale botebong ba pelo ya ka.


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena?


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


Binelang Morena, le mo rorise! O pholositse bafumanehi matsohong a ba kgopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ