Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:7 - BIBELE

7 Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.


Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.


O ntlhahile kamahohle, o beile letsoho la hao hodima ka.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.


“Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana.


Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele,


Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”


Ke tla lalla pela ntlo ya ka, ke lalle pela yona ke e lebele, mabotho a e futuhelang ke a thibele. Tjhaba sa ka ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi, hobane jwale se lebetswe ke nna ka sebele.


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


“Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ