6 Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.
6 Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.
Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”
Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena,
Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,
Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.
Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena, ba nne ba re: “Morena o moholo!”
Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”
Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.