Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:3 - BIBELE

3 Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Kopanang le nna ho tlotlisa Jehova; bohle, re hodiseng lebitso la hae hammoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae: Pelo tsa bohle ba batlang Morena di nyakalle.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Ba kgahlwang ke ho loka ha ka ba ke ba thabe, ba etse ditlatse; kamehla ba re: “Morena o moholo, yena ya kgahlwang ke kgotso, kgotso ya mohlanka wa hae!”


Ba ke ba swabe haholo ka baka la ho tlontloloha ha bona, bana ba reng ka nna: “Aha! Aha!”


Bokang Modimo wa rona, lona ditjhaba, utlwahatsang thoriso ya hae.


Ha e le nna ke hlophehile, ke a opelwa; oho, Modimo, mpholose, ke boele ke tsohe.


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.


Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ