2 Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla.
2 Moya wa ka o ithorise ka Jehova! Ba pelo di nolo a ba utlwe hoo, mme ba thabe!
o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe.
Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Ako mamele sello sa ka, hobane ke kokobeditswe haholo. Nnamolele ho ba ntlhorisang, hobane ba mpheta ka matla.
Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong.
Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”
empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.
Ka tsela ena, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng: “Ya ithorisang a ithorise ka Morena.”
Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena,