Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:19 - BIBELE

19 Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.


o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.


A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho.


Ba tadimang ho yena ba kganya kgotso, mahlong a bona dihlong ha di yo.


Sehlabelo se ratwang ke Modimo: ke moya o swabileng; ke pelo e swabileng, e hlomohileng; oho, Modimo, o ke ke wa e kgesa.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ