“Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.
Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao,’ ho rialo Morena.
Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona.
Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.
Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;
Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.
“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,