Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:3 - BIBELE

3 Mmineleng sefela se setjha, letsang ka bokgabane, le etse mehoo ya thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta.


Kenaniya, eo e neng e le hlooho ya Balevi, o ne a okametse dibini, a di ruta mmino, kaha e ne e le kgeleke.


Bana bohle, hammoho le bang ka bona, ba ne ba rutilwe, mme ba tseba ho binela Morena. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a robedi a metso e robedi.


Banna bao ba etsa mosebetsi ka botshepehi. Ba ne ba okametswe ke Jahate le Obadiya, bao e neng e le Balevi ba bara ba Merari, le Sekariya le Meshulame, ba bara ba Kohate. Balevi ba neng ba ena le tsebo ya diletsa,


Modimo, ke tla o binela, ke o binele sefela se setjha, ke o roke ka harepa e kgwele di leshome,


Haleluja! Binelang Morena sefela se setjha, le mo rorise phuthehong ya batshepuwa ba hae.


A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.


A etsa hore ke bine sefela se setjha, se rorisang Modimo wa rona. Ba bangata ha ba bona hona, ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe.


Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena.


Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.


Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona.


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba le kapele ho terone, le ho dibopuwa tse nne tse phelang, le ho baholo. Ho ne ho se motho ya ka tsebang sefela seo, haese feela bao ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ