Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:21 - BIBELE

21 Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae: Pelo tsa bohle ba batlang Morena di nyakalle.


E reng: “Modimo, mopholosi wa rona, ako re pholose; ako re phuthe, ho baditjhaba o re namolele, re tle re lebohe lebitso le halalelang la hao, ho boka wena e be motlotlo wa rona.


sera sa ka sa tshoha se re: “Ke mo hlotse,” le ba ntwantshang ba thabela ho wa ha ka.


Morena ke matla a ka le thebe ya ka; pelo ya ka e mo tshepile, mme o nthusitse; pelo ya ka e nyakaletse, ke mmoka ka dipina.


Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


Ba Efraime e tla ba dinatla tsa batho, pelo tsa bona di nyakalle ke thabo, di nyakalle, e ke ba nwele veine. Bana ba bona ba tla bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele Morena.


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re: “O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo ya matla wohle, ya bileng teng, ya leng teng, ya tlang ho tla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ