Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:17 - BIBELE

17 Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Pere hase ntho e hlolang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ha a thabele matla a dipere, ha a kgahlwe ke lebelo la motho;


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona.


Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa, empa tlholo yona ke ya Morena.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta!


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ