13 Morena o tadima a le mahodimong, a bone bana bohle ba batho;
13 Jehova o tadima a le lehodimong, o bona bara ba batho kaofela.
Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.
Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”
Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela?
hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.
Tsena di ke di ngollwe moloko, moloko o tlang, hore tjhaba se tla tswalwa se tle se rorise Morena.
Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Morena, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo.
Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.
Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.
Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.
ho fihlela Morena a tadima fatshe, a tadima a le lehodimong, mme a re bona.
Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.