Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:12 - BIBELE

12 Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”


Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae.


Ho lehlohonolo setjhaba se tlelwang ke tse jwalo, ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona.


Pholosa setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao; o se fepe, o se pepe kamehla le mehla.


ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.


Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae, Jakobo ke karolo ya lefa la hae.


O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ