Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:11 - BIBELE

11 Merero ya Morena e tiile kamehla, mehopolo ya pelo ya hae ke ya kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi.


“Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;


Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.


Morena wa mabotho o hlapantse, a re: “Jwalokaha ke hopotse, ho tla ba jwalo; jwalokaha ke rerile, ho tla phethahala.


Morena wa mabotho o sa rerile; ebe ke mang ya ka thibelang? Letsoho la hae le se le phahame; ke mang ya ka le kgutlisang?


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Empa mehopolo ya Morena ha ba e tsebe, le morero wa hae ha ba o utlwisise, yena ya ba bokeletseng sa mangata seotlong.


tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo.


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ