Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 32:8 - BIBELE

8 Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 32:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.


Ke yena Modimo ya mmatlafatsang, ya ntsamaisang tseleng e ntle.


o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.


Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.


Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.


Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,


Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.


Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ