7 O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla.
7 O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)
Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena,
O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao.
Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena.
Maqhubu a lefu a ne a ntikile, phororo tsa timelo di ne di nkukile.
Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.
Morena, molemo wa hao o mokaakang! O o boloketse ba o tshabang; pontsheng ya bana ba batho o o etsetsa ba tshabelang ho wena.
Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae.
A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.
Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.
O ahlola lefatshe ka toka, ditjhaba o di ahlola a se na leeme.
Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle,
Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.
Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.
hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo.
Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re: “Tlholo ke ya Modimo wa rona ya dutseng teroneng, le ya Konyana.”
Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re: