Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 32:6 - BIBELE

6 Ka baka leo, bohle ba tshepahalang ba tla o rapela ka nako ya tsietsi. Leha merallo ya metsi e ka aparela hohle, e ke ke ya fihla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, mokgethehi e mong le e mong a ke a o rapele ka nako eo o ka bonwang ka yona; dikgoholeng tsa metsi a maholo, merwallo e ke ke ya mo atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 32:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nnanabele o le hodimo, o mpholose, o nkinole metsing a lewatle, le matsohong a baditjhaba;


Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano?


A nnyolla mokoting wa timelo, tebetebeng ya seretse, a nkemisa hodima lefika, a tiisa mehato ya ka.


Moya wa ka o nyahame; ke kahoo ke o hopolang Modimo, ke le naheng ya Jorodane, le thabeng tsa Heremone, le thabaneng ya Misare.


Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.


ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana.


Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.


Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.”


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


Modimo o re: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka letsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa.” Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.


Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.


O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ