Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 32:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Ho lehlohonolo ya tshwaretsweng tlolo ya hae, eo sebe sa hae se hlakotsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho lehlohonolo eo tshito ya hae e tshwaretsweng, eo sebe sa hae se apesitsweng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 32:1
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”


Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.


Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


A etsa hore ke bine sefela se setjha, se rorisang Modimo wa rona. Ba bangata ha ba bona hona, ba tla tshaba Morena, ba mo tshepe.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.


Morena, o ile wa kgahlwa, wa kgahlwa ke lefatshe la hao, wa kgutlisa ba leloko la Jakobo, wa ba kgutlisa bothopuweng.


Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele.


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ