Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:22 - BIBELE

22 Ho bokwe Morena ya mpontshitseng mohau, ya mpontshitseng mohau o hlollang, ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:22
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?


Pherekanong ya ka ka ba ka re: “Ha ho motho ya tshepahalang!”


Ako bonahatse mohau wa hao, mohau o hlollang. Ba balehelang ka tsohong la hao le letona, ke wena ya ba pholosang ho ba ba tsohelang matla.


Ako bontshe mohlanka wa hao, o mmontshe sefahleho, sefahleho se kganyang kgotso, o mpholose ka mohau wa hao.


Tlohang ho nna, lona bohle ba kgopo, hobane Morena o utlwile sello sa ka.


Ho bokwe Modimo, ya sa kang a lahla thapelo ya ka, ya sa kang a ntima mohau wa hae.


Esale ke le madimabe, ke batla ke eshwa, ho tloha botjheng ba ka; ke jere kotlo tsa hao tse tshabehang, ke tsiapane.


Empa Sione o itse: “Morena o mphuraletse! Morena wa ka o ntebetse!”


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.


Davida a re ho Abikaele: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya ileng a o romela ho nna letsatsing lena.


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ