Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:11 - BIBELE

11 Bophelo ba ka bo fedile, bo fedile ke mahlomola, dilemo tsa ka di ile ke ho fehelwa; matla a ka a fediswa ke ho hlopheha, le masapo a ka a kgathetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka la bohle bao e leng dira ho nna, ke fetohile ntho e dihlong tse kgolo ho ba ahisaneng le nna, le setshosa ho metswalle ya ka; ba mponang lepatlelong ba mpalehela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:11
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nnile ba o llela, mme ba phonyoha; ba o tshepa, mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.


Pelo ya ka e otla habohloko, ke feletswe ke matla; mahlo a ka a fifetse.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


ka matsatsi wohle di mpotapotile, di mpotapotile jwaloka metsi, kaofela ha tsona di nkopetse hare.


Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu wohle a hao a mpupeditse.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”


Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae.


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla.


Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Dinyefolo tsa ba o nyefolang, le nna di nkwetse hodimo.”


Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.


Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.


Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ