9 Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:
9 Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?
Ha nka ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele mesebetsi ya Morena.
Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao.
Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Nqalo ya Bafu e ke ke ya o rorisa, lefu le ke ke la o binela pina, ba theohelang lebitleng ha ba ka ke ba o tshepa.