Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 30:12 - BIBELE

12 Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo; o ntlhobodisitse thapo, wa nkapesa seaparo sa thabo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Wa ba wa fetola dikgapa tsa ka nyakallo, wa lokolla lesela la ka le mahwashe, wa ntlama ka senyepa sa thabo, pelo ya ka e tle e o binele, e se ke ya kgutsa. Jehova, Modimo wa ka, ke rata ho o rorisa ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 30:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


Bajuda ba hlahelwa ke lesedi, le thabo, le nyakallo, le tlotla.


ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.


Ha e le nna, ke tshepile mohau wa hao; pelo ya ka e ke e nyakalle hobane o mpholositse.


Ke tla o boka ka letsatsi le leng le le leng, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla.


Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile;


Empa ke wena ya re pholosang, ya re pholosang ho ba re lwantshang; ba re hloileng ba hlabisa dihlong.


Pelo ya ka e matlafetse, Modimo, pelo ya ka e matlafetse; ke tla bina, ke o roke.


Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa.


Molomo wa ka o tla howa ka thabo, o howe ha ke o roka, le wona moya wa ka oo o o lopolotseng.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


A araba, a re: “Ke a le bolella, haeba barutuwa bana ba ka kgutsa, majwe a tla howa.”


Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”


a re: “Amen. Thoriso, le tlotla, le bohlale, le teboho, le hlompho, le borena, le matla di ke di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla! Amen.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ