6 Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna.
6 Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha.
Bahlabani ba Baiseraele ba hlolwa ke ba Davida. Ka letsatsi leo ha bolawa Baiseraele ba bangata; ba ne ba ka ba dikete tse mashome a mabedi.
Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.
Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona; ke thuso e teng kamehla, thuso matshwenyehong.
Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha.
Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe!
Ha o tsamaya di tla o etella pele, ha o robala ebe di a o lebela, ha o tsoha ebe di bua le wena.
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?