2 Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,
2 Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)
hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla,
Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba.
Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.
Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.
Oho, Modimo, mosireletsi wa ditokelo tsa ka, ako nkarabe ha ke ipiletsa ho wena. O ntokolotse matshwenyehong a ka; nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.
Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.
Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?
Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?
ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”
O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.
Modimo o fihlile a etswa Temana, Ya Halalelang a etswa Thabeng ya Parane. Tlotla e aparetse mahodimo, fatshe le tletse dithoko tsa hae.
O ila hula seqha sa hao wa se tjheha, metsu e tletse ka sehlajweng sa hao, wa patsola lefatshe, dinoka tsa phalla.