7 Lentswe la Morena le tlola malakabe;
7 Lentswe la Jehova le phosa malakabe a mollo;
O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.
Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: ‘Ke nna enwa?’
Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae;
Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.
Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong, Morena a dumisa letolo, a nesa sefako; mmane wa hlaba fatshe, Morena a nesetsa sefako hodima naha ya Egepeta.
Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena.
Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.