Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.
Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.
Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”