Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 27:9 - BIBELE

9 O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 27:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Morena, ako utlwe thapelo ya ka; sello sa ka se ke se fihle ho wena.


Ha ke le matshwenyehong o se ke wa mpatela fahleho sa hao; ako ntshekehele tsebe, ha ke ipiletsa ho wena, o ke o nkarabe kapele.


Ke phethile toka le ho lokileng; o se ke wa ntlohella matsohong a bahatelli ba ka.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.


O tla fumana lehlohonolo ho Morena, le ho loka ho Modimo, mopholosi wa hae.


Tsoha, Morena, o robaletseng? Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!


Nteballe dibe tsa ka, o hlakole melato ya ka kaofela.


Nkarabe, Morena, hobane mohau wa hao o moholo, o ntadime ho ya ka boholo, boholo ba lerato la hao.


O se ke wa pata sefahleho sa hao, wa se patela mohlanka wa hao, o nkarabe kapele, hobane ke matshwenyehong.


Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa.


Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ