Dipesaleme 27:6 - BIBELE6 Jwale ke tla phahamela dira tsa ka tse ntikileng, ke tla etsa mohoo wa thabo ha ke nyehela, ha ke nyehela ka mahlabelo ka tenteng ya hae, ke bine, ke roke Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Mme jwale, hlooho ya ka e tla okamela dira tse ntikileng, ke tla hlahisa mahlabelo a thabo tenteng ya hae, ke roke, ke rorise Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.