Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 26:8 - BIBELE

8 Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 26:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae.


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


Baprista ba sitwa ho ntshetsa mosebetsi wa bona pele ka baka la leru, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Modimo.


Hoba Solomone a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa fihla wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Tempeleng.


Baprista ba ne ba sitwa ho kena ka Tempeleng ya Morena, hobane e ne e tletse tlotla ya Morena.


Ka baka la Ntlo ya Morena, Morena Modimo wa rona, ke tla o kopela tse molemo.


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


Morena ke yena ya tla mpholosa; ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, re tla mminela ka diletsa tse nang le dikgwele, re mminele re le ka Tempeleng ya hae.”


Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”


Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”


Kamora matsatsi a mararo ba mo fumana ka Tempeleng a dutse hara baruti, a ba mametse, a ntse a ba botsa,


A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ