7 ke ntse ke bina sefela sa teboho, mme ke bolela dimakatso tsa hao.
7 ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.
Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le makatso tsa hae hara merabe yohle.
Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle.
Mpuleleng menyako ya Tempele, ke tle ke kene ka yona, ke boke Morena.
Morena ke Modimo; o a re bonesetsa. Tshwarang mahlaku, le koloke, le be le yo fihla manakaneng a aletare.
Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao.
Phahamisang matsoho a lona, le a phahamisetse Sehalalelong, le boke Morena.
Batho ba tla bolela kganya ya tlotla ya hao, nna ke nahane dimakatso tsa hao.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.
Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.
Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,
Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
A re itlhahiseng kapele ho yena, re itlhahise ka teboho, re mo rokeng ka mehoo ya thabo.
Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane.
Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena.