Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”