E, ho tla bolotswa ngwana ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ya hao. Selekane sa ka se tla ba nameng ya hao, e be selekane sa mehla yohle.
e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.
Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.
Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,
“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”