Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.
Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.