Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 24:3 - BIBELE

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 24:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente.


Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang?


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.


Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.’ ”


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


Simone Petrose a re ho yena: “Morena, o ya kae?” Jesu a araba, a re: “Moo ke yang teng o ke ke wa ntatela hajwale, feela o tla ntatela hamorao.”


Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”


Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ