“Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”
Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!