9 “O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!”
9 Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme,
Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.
O ntsheheditse ho tloha tswalong ya ka, wa ntshireletsa ho tloha popelong ya mme; nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.
Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.